Gout ke eng?
Gout ke mofuta wa ramatike o bang teng ha uric acid e le ngata mmeleng. Uric acid e ba teng ha mmele o sila dijo tse itseng tse kang nama e kgubedu, dijo tsa diphoofolo tsa lewatleng le jwala. Masole a mmele (disele tsa hao tse lwantshang mafu) a hlasela uric acid mme e etse dikristale. Dikristale tsena di kenella pakeng tsa manonyeletso ebe di baka bohloko bo boholo le ho ruruha.
Gout e bakwa ke eng?
Gout e bakwa ke bothata ba ho senyeha ha di-purine. Re fumana di-purine dijong tseo re di jang. Ka tlwaelo di tswa mmeleng ka mosese e le uric acid. Ha ho na le uric acid e ngata mmeleng, di uric acid di ka bokellana di ka bokellana manonyeletsong mme tsa baka gout.
Ke dintho dife tse ka bakang lefu la Gout?
Uric acid ha e tswe hantle. Sena se etsahala ha mmele o sitwa ho ntsha uric acid hantle. Sena se ka bonwa ho bakudi ba nang le bolwetse ba diphio, bakudi ba nwang dipidisi tse tlhotlang metsi mmeleng ("dipidisi tsa metsi"), lefu la pelo, ho nona haholo le lefu la tswekere.
Ho hlahisa uric acid e ngata haholo. Sena se ka bonwa ho bakudi ba nang le mafu a madi jwalo ka lymphoma, leukaemia, haemolytic anaemia le dikankere tse ding.
Ho ja dijo tse nang le di-purine tse ngata tseo mmele o di silang hore ebe uric acid. Dijo tsena di akarelletsa:
- nama e kgubedu
- dijo tsa diphoofolo tsa metsing
- jwala
- Nama ya dikahare (mohl., sebete)
Dikotsi tse ding di akarelletsa:
- Ho ba monna
- Ho ba motenya
- Ba nang le maemo a itseng a bophelo bo botle, ho akarelletsa:
- Ho hloleha ha pelo ho pompa madi hantle
- Kgatello e Phahameng ya Madi
- Ho hanana le insuline
- Bothata ba mafu a mangata a hlahang ka nako e le nngwe
- Lefu la tswekere
- Ho se sebetse hantle ha diphio
Matshwao a Gout ke afe?
Gout ha e tshwane le mefuta e meng ya ramatike.
- Sena se ka etsahala nakong ya dihora tse 24.
- E ka ama lenonyeletso le le leng ka nako
- Ho na le dinako tseo matshwao a mpefalang ka tsona, tse tsejwang e le ho phatloha (flares), le dinako tseo ho se nang matshwao ka tsona, tse tsejwang e le fola (remission)
Matshwao a gout a akarelletsa:
- bohloko bo tebileng ba lenonyeletso le amehileng
- Ho retela (ho ruruha)
- Ho ruruha
Lenonyeletso le atisang ho angwa ke Gout:
- Monwana o moholo wa leoto
- Maqaqailana
- Bohareng ba leeto
- Mangwele
Gout e fumaneha jwang?
O lokela ho ya ngakeng bakeng sa bohloko bofe kapa bofe ba manonyeletso. Ngaka e tla hlahloba manonyeletso.
Ho phaella tlhahlobong ya mmele, gout e fumanwa ka ho sebedisa:
- X-ray ya manonyeletso a amehileng
- Sampole ya mokedikedi o ntshitsweng lenonyeletsong le amehileng ho batla dikristale tsa uric acid
Gout e ka fumanwa feela ha lenonyeletso le tjhesa, le retetse ebile le ruruhile.
Gout e phekolwa jwang?
Ha ho na pheko bakeng sa gout empa e ka phekolwa ka katleho ka meriana le ho fetola tsela eo motho a phelang ka yona.
Gout e phekolwa ka meriana le ka ho fetola tsela eo motho a phelang ka yona.
- Ho fokotsa bohloko le ho ruruha, ho sebediswa meriana e thibelang ho ruruha (mohll, ibuprofen)
- Thibelo ya ho hlaselwa ke lefu lena ka ho sebedisa moriana o thibelang mafu (mohl., colchicine)
- Ho fokotsa uric acid mading ka ho fokotsa tshebediso ya jwala le ho fokotsa dijo tse nang le di-purine tse ngata le ka moriana (mohl., allopurinol)
Ke lokela ho sebetsana jwang le lefu la ka la Gout?
Ho bonahetse hore ho fetola tsela eo motho a phelang ka yona ho ntlafatsa bophelo ba batho ba nang le lefu la gout
- Ho ja dijo tse nang le phepo e ntle tse se nang purine e ngata
- Fokotsa ho nwa jwala
- Itlwaetse ho ikwetlisa, e leng se tla o thusa ho theola boima ba mmele le ho fokotsa kotsi ya ho tshwarwa ke mafu a mang a sa foleng.
O kgothalletswa hore o etse dintho tse fokolang tse kang ho tsamaya, ho sesa le ho palama baesekele ho sireletsa manonyeletso a hao hore a se ke a tswa kotsi
Eba karolo ya dihlopha tsa thupelo ya ho itlhokomela hore o ithute haholwanyane ka boemo bona le kamoo o ka itlhokomelang kateng hamolemo.