PHELLO E KA BAKWANG KE TSHEBEDISO E MPE YA JWALA
Ho nwa jwala haholo ho kotsi bakeng sa bophelo ba hao bo botle. Ho ka baka mathata a fapaneng a bophelo, tsela ya ho phedisana le batho le botsitso ditjheleteng.
Ka kakaretso, dikgothaletso tsa hajwale tsa ho sebedisa jwala ka tsela e sireletsehileng ke ho se nwe diyuniti tse fetang tse 14 ka beke kamehla, a di nwa ka matsatsi a 3 kapa ho feta.
Kgatello e Phahameng ya Madi
Ho fumanwe hore jwala bo eketsa kotsi ya ho ba le kgatello e phahameng ya madi. Bo tsejwa e le mmolayi ya thotseng, kaha batho ba ikutlwa ba phetse ntle ha mmele ya bona e ntse e imelwa ke kgatello e phahameng ya madi. Kgatello ena e phahameng e ka baka kotsi e kgolo mmeleng wa hao.
Ho hloleha ha pelo
Ho hloleha ha pelo ke ha pelo e sa kgone ho pompa madi a lekaneng ho latela madi a hlokwang ke mmele. Matshwao a akarelletsa ho hema ka thata, ho tsoha bosiu o haellwa ke moya le maoto a ruruhileng.
E eketsa mafura mading a hao
Jwala bo ka eketsa mafura, seo hape se bitswang kholestorole mading. Mafura a ka kgomarela mahlakoreng a methapo ya madi, a baka tshitiso phallong ya madi e leng se ka fellang ka ho thibana, seterouku, lefu la pelo le ho opelwa ke mesifa ha o ikwetlisa.
Kankere
Jwala bo ka eketsa dikotsi tsa mefuta e mengata ya dikankere tse fapaneng, jwaloka kankere ya kholone, kankere ya mpa, kankere ya manyeme, kankere ya sebete le kankere ya mmetso, ho bolela feela tse mmalwa.
Ho nona
Jwala bo tsejwa bo etsa hore motho a none. Ho nona haholo ho eketsa kotsi ya mafu a mangata.
Pefo le ho sithabela maikutlong
Jwala bo sitisa kelello ho sebetsa hantle, bo ama bokgoni ba hao ba ho etsa diqeto tse nepahetseng, tse nahannweng hantle. Sena ke sona se etsang hore batho ba be mabifi mme ba se ke ba nahanela ba bang. Dipetlele tsa naha ho pota di bontsha hore dinakong tseo batho ba nwang jwala ka tsona, ho ba le maemo a mangata a ho sithabela maikutlo, dikotsi le pefo tse tliswang lefapheng la maemo a tshohanyetso.
Ho Nwa le ho Kganna
Ho kotsi ho kganna kamora hore o nwe jwala mme maponesa a tla o tshwara ka ho etsa seo. Haeba o nwa o kganna, o ipeha kotsing e kgolo hammoho le batho bao o palameng le bona, le batho ba leng tseleng. Ke boikarabelo ba rona ho behela ba bang mehlala e metle le ho netefatsa hore ha re nwe re ntse re kganna. Re tlameha ho sireletsana ha re le ditseleng.
TSELA YA HO FOKOTSA JWALA BOO O BO NWANG
Ha e le hantle, motho ha a lokela ho nwa jwala ho hang. E le hore o se ke wa nwa haholo mme o phele hantle, kenya maqhwa a mangata ka jwaleng ba hao. Haeba o sebedisa dintho tsa ho tswaka, sebedisa tse nang le tswekere e fokolang kapa tse se nang yona. Enwa kgalase ya metsi ka mora seno ka seng. Enwa di-single hoena le di-double.
HO LEMALLA JWALA
Jwala le bona motho a ka bo lemalla. Batho ba bangata ba lemalletseng jwala ha ba tsebe hore ba bo lemalletse. Dipotso tse ka tlase di tla o thusa ho bona hore na ebe o na le bothata ba ho lemalla jwala.
• Na o kile wa ikutlwa o hloka ho fokotsa tsela eo o nwang ka yona?
• Na o kile wa ikutlwa o tenwa ke batho ba buang hampe ka tsela eo nwang ka yona?
• Na ho na le mohla o ikutlwang o le molato ka tsela eo o nwang ka yona?
• Na ka dinako tse ding o ‘tsoha’ ka jwala hoseng hore o kgobe matshwafo, kapa o fedise ho tsekela?
Haeba o ikutlwa eka o na le bothata ba ho nwa o ka fumana thuso ho Alcoholics Anonymous South Africa. Ikopanye le mokgatlo ona ka leqephe la mehlodi e meng ya jwala.