Ha motho a ja, dijo di feta ka mpeng, maleng a manyane, maleng a maholo ho fihlela di tswa ka maraong.Kholone ke karolo ya mala a maholo a hao mme e na le dikarolo tse tharo: kholone e nyolohang, kholone e lohaneng le kholone e theohang.Kankere ya kholone ke ya bo 3ho mefuta ya kankere e tlwaelehileng haholo lefatsheng. Ka dinako tse ding e bitswa kankere ya colorectal (e amang kholone le maraong).
Kankere ya kholone e bakwa ke eng?
Maemong a mangata kankere ya kholone (85% ya boholo ba nako) e itlhahela feela ho se lebaka le tsejwang. Maemong a mang a etsang 15%, ho na le diphatsa tsa lefutso tseo ho fumanweng e le tsona disosa kapa disosa tsa kotsi ena
Ke eng e eketsang kotsi ya kankere ya kholone?
- Ho hola
- Batho ba nang le bolwetse ba ho ruruha mala
- Ho ba motenya
- Ho ja dijo tse porosesitsweng (jwalo ka dijo tse phehilweng ka lepotlapotla, tse bolokilweng, nama e porosesitsweng jj)
- Ho ja nama e kgubedu
- Ho nwa jwala
- Ho tsuba
- Ho se ikwetlise
Kankere ya kholone e hlaha jwang?
Disele tse kwahelang karolo e ka hare ya kholone di ntjhafatswa kgafetsa haholo. Ho etswa kapa ho kopitswa ha disele ho lokela ho etswa ka hloko, kaha mmele o hloka disele tse lekaneng ho etsa mosebetsi wa ona, empa le teng di se be ngata haholo.
Ha disele tsa kgale di kopitswa ho etsa tse ntjha, ho ka etsahala diphoso tsa diphatsa tsa lefutso. Haeba ho etsahala diphoso tse ngata tsa diphatsa tsa lefutso, ho hola le ho ikatisa ha disele tsena ho ka etsa hore di se laolehe. Jwale sena se fella ka ho hola ho sa laoleheng, e leng ho bakang dihlahala tsa kankere.
Seo o ka se etsang ho thibela kankere ya kholone
Ke habohlokwa hore o fetole tsela eo o phelang ka yona e le hore o fokotse kotsi ya hore o tshwarwe ke kankere. Ho ikwetlisa, ho ja dijo tse phepo e nepahetseng, ho se tsube le ho nwa, le ho theola mmele ke mehato ya bohlokwa bakeng sa ho thibela kankere ya kholone.
Ho boetse ho bohlokwa hore ha o tshwara dilemo tse 50, o hlahlojwe kholone (colonoscopy) sepetlele.Colonoscopy ke tjhubu e nang le khamera qetellong, e dumellang dingaka ho hlahloba kholone ntle le ho buuwa. Ka ho etsa sena, dingaka di ka bona esale pele haeba ho na le matshwao leha e le afe a kankere. Ho bohlokwa ho leka ho fumana kankere leha e le fe kapale, e le hore o phekolwe hamolemo.
Haeba o na le motswadi kapa ngwaneno ya nang le kapa ya neng a na le kankere ya kholone, ho bohlokwa hore o ye tlhahlobong ya kholone (colonoscopy) kapele. Hore o fumane hore na o lokela ho etsa tlhahlobo ya kholone neng, tlosa dilemo tse 10 ho selemo seo ngwaneno/motswadi wa hao a ile a fumanwa a na kankere ya kholone ka sona qalong. Tsena ke dilemo tseo o lokelang ho etsa tlhahlobo ya kholone.