HIV ke eng?
HIV e emetse immunodeficiency virus (kokwanahloko e fokodisang masole a mmele). Kokwanahloko ena e nyane haholo mme ka dinako tse ding e ka o kudisa. HIV ke mofuta wa kokwanahloko o etsang hore masole a hao a mmele (disele mmeleng wa hao tse lwantshang tshwaetso) a fokole. Ke ka lebaka leo HIV e bitswang kokwanahloko e fokodisang (ho fokotsa kapa ho thefula) masole a mmele (boitshireletso ba mmele).
Motho a ka tshwaetswa ke HIV jwang?
O ka tshwaetswa ke HIV ka madi le maro a mang a mmele a nang le kokwanahloko ya HIV. Ke ka lebaka leo ho sebedisa dinalete tse sebedisitsweng ho batho ba bang, ho etsa thobalano o sa sebedise khondomo kapa ho angwa ke madi a nang le kokwanahloko ya HIV ho ka o tshwaetsa ka HIV.
Matshwao
Batho ba bangata ba nang le HIV ha ba tsebe qalong hore ba na le yona. Batho ba bang ba ikutlwa ba na le makgopho, feberu le/kapa bohloko ba manonyetso. Ho ka nna ha nka nako e telele pele o ba le matshwao, empa o ka tshwaetsa batho ba bang ka kokwanahloko esita leha o ikutlwa o phetse hantle. Ke ka lebaka leo ho leng bohlokwa hore o hlahlojwe HIV kgafetsa.
Ho ka etsahalang haeba e sa phekolwe?
Haeba o na le HIV mme o sa nwe moriana,masole a hao a mmele (boitshireletso ba mmele wa hao) a ka fokola mme o ka qala ho tshwarwa ke mafu a mang kapa ditshwaetso. Batho ba bangata ba nang le HIV ba sa nweng moriana ba tshwarwa ke mafu a kang TB le mafu a mang a ka bang kotsi. Ha e le hantle, mmele wa hao o sitwa ho lwantsha tshwaetso habonolo jwalo kaha o ne o ka kgona ka tlwaelo.
Thibelo le Phekolo
Ho etsa tlhahlobo ya HIV, tleleniki e nka lerothodi le le leng la madi a hao ebe e le beha hodima thupa ya ho etsa tlhahlobo. Jwale thupa ena e kgona ho bona hore na mmele wa hao o kgona ho lwantsha HIV, ka ho etsa teko ya hore na mmele wa hao o leka ho lwantsha HIV ka ho etsa dithibelamafu. Dithibelamafu ke dikhemikhale tse nyane tse etswang ke masole a hao a mmele bakeng sa ho lwantsha tshwaetso. Teko ena e kgona feela ho bona haeba o na le HIV dikgwedi tse 3 kamora hore o tshwaetswe, kaha e tlameha ho emela mmele wa hao hore o etse dithibelamafu. Sena se bolela hore teko ena e ke ke ya o bolella hore na o tshwaeditswe ke HIV dikgweding tse tharo tse fetileng. Ke ka lebaka leo ho leng bohlokwa ho ya tlhahlobong kgafetsa.
Haeba teko e bontsha hore o na le tshwaetso, mooki kapa ngaka e tla etsa teko e nngwe ho netefatsa hore e nepile. Haeba e nepile, mohlomong o na le HIV mme o lokela ho qala ho nwa moriana.
Boimana le HIV
Basadi ba baimana ba phetseng hantle ba nang le HIV ba na le menyetla e fokolang ya ho fetisetsa kokwanahloko ho masea a bona a ntse a le ka popelong. Empa, haeba mme a sa nwe moriana HLAKOLA: ha ngaka e mo bolella hore, ngwana a ka nna a fumana kokwanahloko nakong ya peleho. Haeba mme a sebedisa moriana jwalo kaha a laetswe, lesea le tla sireletseha haholwanyane kgahlanong le kokwanahloko. Mme a ka boela a nyantsha haeba a nwa moriana.
Phekolo
Meriana ya HIV e bitswa di-ARV kapa ART, e leng e emelang antiretroviral treatment (phekolo ya moriana o thibelang ho ata ha kokwanahloko ya HIV). Lebitso lena le bolela hore moriana ona o sebetsa kgahlanong le kokwanahloko ena. ART e sebetsa hantle haholo bakeng sa ho lwantsha kokwanahloko ya HIV ka ho hatella tshebetso ya yona mmeleng ya rona. Ke ntho e ntle haholo hore ebe ART ke mahala le hore e fumaneha mafapheng a mmuso mme mmuso o etsa bonnete ba hore o kgona o fumana moriana. Meriana ena ha e o phekole; e etsa feela bonnete ba hore kokwanahloko ha e ikatise. Batho ba phela nako e telele ebile ba thabile haeba ba nwa di-ARV jwalo kaha ba laetswe.